Zion Christian Church Official - ZCC Mbungo
January 24, 2025 at 05:09 AM
Zion Christian Church
To: All Church members
Sub: weekly focus ea Labohlano
Date: 24 January 2025
*SESOTHO VERSION*
Re leboha Molimo oa Sione ea re fang bophelo. Focus ea rona ke:
*1. Ha le qabane lapeng le potlakele ho etsa khotso hobane ha le qeta letsatsi le koatelane le nea liabolo sebaka (Baefeso 4 vs 27)*
Bohale bo ka fumanoa, ’me Bibele ha ho mohla e reng re se ke ra halefa.
Temana e re ha le halefile, le se ke la etsa phoso ea ho qeta letsatsi le halefile (*Baefese 4 vs 26*)
Lebaka le teng temaneng ea 27, e reng ha o halefile, letsatsi le chabile, o nea Satane sebaka (*Ba-Efese 4 vs 27*).
Ke ha le se le sa buisane, le furallana, le se le sitoa ho rera hammoho, ke ha le kentse Satane lipakeng tsa lona ka lebaka la ho se khone ho buisana.
Hore Molimo a lule har’a rōna, a re tsebeng ho buisana, ho utloana, le ho etsa lintho tse amohelehang hobane Molimo o rata batho ba lumellanang (*Mattheu 18 vs 19*).
*Letšolo la tlhokomeliso*:
- Boetapele bohle, ho qala ka ba ileng ba kenya letsoho likomiting tsa Provincial, District committees, le baruti bao re ba hlokang Harare ka Sunday Kupendera Roundup, ha re e foseng.
Z.C.C Media
www.zccmbungo.org
facebook.com/ZCCMbungo
M: +2638688006187, +263788816609, +263778638485
Lengolo-tsoibila: [email protected]
🙏
❤️
14