Rhapsody Global Club ( Mandate 1B ROR Influences )
Rhapsody Global Club ( Mandate 1B ROR Influences )
March 1, 2025 at 05:09 PM
Rhapsody Lesotho-Sesotho Sun, Mar 2, 2025 E BA LE KELO-HLOKO EA KRESTE KA HO UENA Lentsoe le ne le etsoe nama, ‘me la aha har’a rōna le tletse mohau le ‘nete, ‘me re bohile khanya ea lona, e kang khanya Mora a ‘notši ea tsoang ho Ntate (Johanne 1:14). Ha re re Mokreste ke motho eo Kreste a phelang ka ho eena, bothata ke hore ha se ba bangata ba tsebang hore na Kreste e bolelang, kapa hore na Kreste ke mang. Moelelo oa lentsoe Kreste ke eng? Kreste ke lentsoe la Sebeheru le bolelang Mesia, ‘me Mesia e bolela Ea Tlotsitsoeng. Testamenteng ea Khale, O ne a bitsoa Mesia, ‘me Testamenteng e Ncha, O bitsoa Kreste, empa ka bobeli a bolela motho a le mong. Eo Bajuda ba neng ba utloisisa hore ke eena Mesia, e ne e le eo Moprofeta Daniele a mo bitsang “Mora Motho.” Ha Jesu a ne a ipitsa “Mora Motho” ea tlang ho “phahamisoa,” e leng ho thakhisoa, BaJuda ba ile ba ‘motsa lipotso, ba re, “Ke mang enoa Mora Motho?” Ba ne ba nahanne hore Kreste o tla phela ka ho sa feleng. Bibele e re ho Johanne 12:23, 32-34: “...Jesu a araba a re: Nako e tlile eo Mor’a motho a tla tlotlisoa ka eona...’Me ‘na, etlare hobane ke nyolloe lefatšeng, ke tla hulela batho bohle ho ‘na. A rialo a lekanya lefu leo a tla shoa ka lona. Bongata ba mo araba, ba re: Rōna re utloile ka molao hore Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng, ‘me uena, u bolela joang hobane e ka khona Mor’a motho a nyolloe na? Mor’a motho eo ke mang?” Jesu o buile ka boprofeta ba Daniele ‘me sena sa lumellana le tlaleho ea bona. Lentsoe Mor’a motho ke tlhaloso ea Mora oa Molimo. Empa Mora oa Molimo ha e bolele “ea tsoetsoeng ke Molimo”; ho fapana le hoo, e bolela Molimo nameng. Lena e ne e le lebaka leo ha Jesu a re ke Mora oa Molimo, baetapele ba Bajuda ba Mo qosa ka ho nyefolo. Ba re, “... ha u tlepeletsoe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo; kahobane u re u le motho, u iketsa Molimo” (Johanne 10:33). Ba ne ba utloisisa hore Mesia, Molimo o iponahatsang nameng, ke eo Jesu ka bo Eena a ipoletseng e le Eena. Ha u re Jesu ke Kreste, u bolela hore Jesu Ke Molimo nameng. Ke seo ba Mo thakhiselitseng sona. U se ke oa lebala seo. Ketsahalong e ‘ngoe, Mareka 14:61-64 e re bolella, ha moprista e moholo a ‘motsa ka kotloloho, “A na u Kreste?” ‘Me Jesu a araba a lumellana le seo, moprista e moholo a hahola seaparo sa hae, ho phatlalatsa seo e le nyefolo. Phatlalatso eno ke eona e entseng hore Jesu a ahloleloe lefu. Empa Jesu o ne a nepile, E ne e le Eena Kreste ka sebele. Mesia kapa Kreste ke Molimo ka nama. ‘Me ha u ne u amohela Kreste, bophelo ba Hae ba Bomolimo bo ile ba nkela boo u neng u tsoetsoe ka bona ba botho sebaka, ‘me ba iponahatsa ka ho uena. U ile oa ba motho oa Kresteka-ho-uena. Bakolose 1:27 e re, “...Kreste ka ho lōna, eena tšepo ea khanya.’’ Sena ke khanya le moelelo oa Bokreste — Kreste ka ho uena! Elelloa le hoba le kelo-hloko ea ‘nete ena kajeno, ho feta pele. THAPELO Ntate ea ratehang, kea leboha ka tšenolo ea seo Kreste a leng sona – Molimo ea bonahalitsoeng nameng. Ke phatlalatsa hore Kreste o phela ka ho ‘na, ‘me bophelo ba Hae ba Bomolimo boa iponahatsa karolong e ‘ngoe le e ‘ngoe ea ‘mele oa ka. Ke tsamaea ka kelo-hloko ea ‘nete ena, ‘me ke fihlela morero oa hao le ho bonahatsa khanya le tlotla ea hao lefatšeng, ka Lebitso la Jesu. Amen. LITHUTO TSA TLATSETSO: Ba-Kolose 1:26-27; Johanne 1:14 NIV; 1 Timothea 3:16 MORALO OA SELEMO OA HO BALA BIBELE 1 Mareka 9:33-50 & Numere 9-10 MORALO OA HO BALA BIBELE LILEMO TSE 2 Mattheu 19:13-22 & Exoda 11 WhatsApp Chanel for rhapsody Translation : https://whatsapp.com/channel/0029Va9SJ9OHFxP0Xh4KCN3F

Comments