Rhapsody Global Club ( Mandate 1B ROR Influences )
Rhapsody Global Club ( Mandate 1B ROR Influences )
June 8, 2025 at 08:18 PM
Rhapsody Lesotho-Sesotho Mon Jun 09 2025 MATLA A KHOLISEHO Andrease, ngoana’bo Simone Petrose, e ne e le e mong oa ba babeli bao ba utloileng Johanne ha a bolela, ‘me ba latela Jesu. Eena a fumana pele Simone, ngoanabo ka sebele; a re ho eena: Re bone Messia — ke ho re, Kreste, ha ho fetoloa (Johanne 1:41-42). Mosebetsing oa ntšetsapele ea ‘Muso oa Molimo, mashoela tumelo a hlokahala, ‘me hona re ho bona ka boteng ba batho ba joalo Bibeleng, haholo Evangeling ea Johanne. Bana e ne e se balateli ba Jesu Kreste feela ka lebitso empa ba ne ba le mafolofolo ho khothaletsa tšebeletso ea Hae. Liketso tsa bona li bontša mofuta o khethehileng oa mosebetsi— ho kholiseha ho phethehileng. Mohlala, ho Johanne 1:40-42, re bona Andrease, e mong oa barutuoa ba Johanne Mokolobetsi ea ileng a tlohela sohle ho latela Jesu. Andrease ha a ka a ipolokela tšenolo e ncha e o a e fumaneng. Hang-hang o ile a fumana ngoana’bo, Simone (Petrose), ‘me a re ho eena, “Re fumane Mesia!” Ea ba o isa Petrose ho Jesu. Liketso tsa Andrease li bontša pelo ea ‘nete ea moshoela tumelo ea hloahloa—motho ea ntšetsang pele le ho khothaletsa tšebeletso ea Jesu ka ho ngolisa ba bang ho ba litho tsa pono ea Hae le ho ntšetsa pele mosebetsi oa Hae. Letsatsi le hlahlamang, Jesu a bitsa Filipi ho mo latela. Filipi, joaloka Andrease ha a ka a ipolokela molaetsa o molemo. A fumana Nathanaele ‘me a re, “Re fumane eo Moshe A ngolileng litaba tsa hae molaong, le baprofeta ba li ngolile, ke Jesu oa Nasaretha, mor’a Josefa" (Johanne 1:45). Nathanaele, ka lekhonono qalong, a re ho eena, “Na ntho e molemo e ka tsoa Nasaretha na?” Karabelo ea Filipi ea ba bonolo, empa e le matla; a re ho Nathaniele, “Tloho u tlo bona” (Johanne 1:45-46). Hona ke matla a kholiseho. Andrease le Filipi ha baa ka ba latela Jesu feela, ka mafolofolo ba tlisitse ba bang ho Eena. Ba hokahanya Bajuda ba bang le banna ba inehetseng, ba neng ba lumetse ho Molimo, ho ba tlisa tseleng ea Mesia. Ka ho tšoana, ho ntšetsa pele ‘Muso oa Molimo kajeno, re hloka lebotho le leholo-hali la batho ba Molimo ba ikemiselitseng, ba nang le tjantjello le boinehelo bo sa khaotseng ba bona ba Evangeli. Re phethela khaso e felletseng ea Evangeli selemong sena sa 2025. E ba ea ithukhubelitseng ka sohle sebakeng sa thomo ena! Ngolisa le ho khothaletsa ba bang ho ba karolo ea thomo ena ha re phethahatsa Thomo e Kholohali. Ho bohlokoa ho rōna ho lemoha hore ho etsa phetoho lefatšeng, re hloka lebotho la Bakreste le tlamahaneng, e mong le emong a etsa karolo ea hae ho ntšetsapele ‘Muso oa Molimo, haholo ha ho tla ha Morena ho le haufi. Prayer / Confession Ntate ea ratehang, kea u leboha ka ho nketsa motšehetsi ea hloahloa ea ntšetsang pele ‘Muso oa hao. Ka ‘na, ba bangata ba tlisoa ka har’a ‘Muso le ho ngolisetsoa lebothong la hao le leholo, ho phethahatsa morero oa hao oa bomolimo le ho fetola maphelo hohle. Ke tsamaea ka bohlale le matla a Moea, ke sa khaotse ho hasa tšusumetso ea ‘Muso, ka Lebitso la Jesu. Amen. Further study Johanne 1:40-42; Johanne 4:28-30; 2 Timothea 2:2 1-year bible reading plan Liketso 1:1-26 & 2 Likoronike 1-4 2-year bible reading plan Mareka 16:1-11 & Deuteronomy 7 WhatsApp Chanel for rhapsody Translation : https://whatsapp.com/channel/0029Va9SJ9OHFxP0Xh4KCN3F

Comments