Zion Christian Church Official - ZCC Mbungo
Zion Christian Church Official - ZCC Mbungo
May 28, 2025 at 04:37 AM
Zion Christian Church Ho: Litho tsohle tsa Kereke Sub: Weekly Focus ea Laboraro Letsatsi: 28 May 2025 *SeSotho Version* Re leboha Molimo oa Sione ka ho re lumella ho bona Laboraro lena. Maikutlo a rona ke: *1. Hore ho tle ho be le thabo malapeng a lona bo-’m’e lumelang tse molemo tseo Ntate a li entseng, le se ke la emela ho bua ka tse poso, joalo ka ha Mikaele ea sitiloeng ho bona mesebetsi eohle eo Davida a e entseng ea ho tlisa Areka, mahlo a hae a oela holim’a lesela le sa koaheloeng (2 Samuele 6 vs. 20)* Mosali ea bitsoang Mikaele, morali oa Saule, le mosali oa Morena Davida, o ile a ba le bomalimabe ba ho se bone lintho tse molemo tseo Ntate oa hae a li entseng, tse kang ho khutlisetsa Areka ntlong ea eona, ’me mahlo a hae a ile a matela ho bona lesela le oelang ha Davida a ntse a tantša. Le tsebe ka tsatsi lena Davida o ne a tlile ka morero oa ho hlohonolofatsa ntlo ea hae, empa lehlohonolo la fetoha thohako, a shwa a se na bana (2 Samuele 6 vs 23). Bona ke bothata bo amang bo-’mè ba bangata, ba sa khonang ho lumela ha monna a etsa liketso tse ntle, ’me ba hlokolosi ho lokisa poso ea teng Bomme ithuteng ho ananela tse ntle tseo banna ba lona ba li etsang hobane ke tsona tse tlisang thabo malapeng a lona. Ka hona, bo-‘m’e, re se ke ra amoha malapa a rōna thabo kapa ra senya matlo a rōna ka ho nyatsa banna ba rōna ha ba hlōleha. A re ba roriseng ha ba khona, e leng se ba fang sebete sa ho lokisa ha ba hloleha. Ha re lokafatse ho hlōleha, empa teboho e fa motho boitšoaro, le boikemisetso ba ho tsoela pele ho etsa se molemo. *Letšolo la tlhokomeliso:* - Kaofela ha re eeng ho li phutheho tsa ho koala khoeli, re nke likano tsa rona 'me re qale ho 'ntsa, re itokisetsa ho ea kopanong ea Letsatsi la Moea. Z.C.C Media www.zccmbungo.org facebook.com/ZCCMbungo M: +2638688006187, +263788816609, +263778638485 Lengolo-tsoibila: [email protected]
Image from Zion Christian Church Official - ZCC Mbungo: Zion Christian  Church  Ho: Litho tsohle tsa Kereke  Sub: Weekly Focus...
🙏 ❤️ 🇧🇼 8

Comments