Zion Christian Church Official - ZCC Mbungo
Zion Christian Church Official - ZCC Mbungo
May 30, 2025 at 04:07 AM
Zion Christian Church Ho: Litho tsohle tsa Kereke Sub: Weekly Focus ea Labohlano Letsatsi: 29 May 2025 *SeSotho Version* Re leboha Molimo oa Sione ka ho re fa bophelo. Maikutlo a rona ke: *1. Ha re etsa boitlamo a re shebeng malapa a rona le bana ba rona, re se ke ra siea bana kantle, empa re be joalo ka khoho ha e alama litsuonyana tsa eona, 'me ntlo eohle ea hau e covered ke Kano ea hau (Mattheu 23 vs 37)* Kano ke lekhoakhoa, kapa lerako le re pota-potileng, leo Satane a le boneng ho Jobo, Satane o itse Jobo ha kea mo etsa letho hobane u mo teetse hare ka lekhoakhoa (Jobo 1 vs 10) Ha re etsa boitlamo re batla ho koaheloa ke Molimo, re malinyane, empa e hloka hore mabitso a rona, le bana bohle ba rona ba ngoloe, ke hore, ho kena mapheong (Mattheu 23 vs 37). Koala khoeli ena ke taba e ‘ngoe e kholo, ea ho bona hore kaofela re entse boitlamo, ‘me re ngotsoe libukeng (registers). Taba ea bohlokoa ke ho tseba hore Kano ke sehlabelo sa selemo le selemo (1 Samuele 1 vs 3), e leng thoriso ea Molimo mona Sione (Pesalome 65 vs 1), ka hona u ikane ka mokhoa o salang o tlotlisa Molimo kamoo lebitso la hae le tšoanelang kateng (Pesaleme ea 96 vs 8). Z.C.C Media www.zccmbungo.org facebook.com/ZCCMbungo M: +2638688006187, +263788816609, +263778638485 Lengolo-tsoibila: [email protected]
Image from Zion Christian Church Official - ZCC Mbungo: Zion Christian Church  Ho: Litho tsohle tsa Kereke Sub:  Weekly Focus ...
🙏 ❤️ 😢 10

Comments