
Zion Christian Church Official - ZCC Mbungo
May 31, 2025 at 04:23 AM
Zion Christian Church
Ho: Litho tsohle tsa Kereke
Sub: Weekly Focus ea Masvohwani
Letsatsi: 31 May 2025
*SeSotho Version*
Re leboha Molimo oa Sione ka ho re hlokomela le ho lumella Mohlanka oa Molimo le ba ileng ba mo sala morao ho tšoara seboka sa Mega conference in Turkey. Maikutlo a rona ke:
*1. Masvohwani a lokela ho rata ho ea tlung ya Molimo ho feta nako tse ling (Pesalome 122 vs 1)*
Davida o re, ke ile ka thaba haholo ha ba re ke ee ka tlung ea Molimo (Pesaleme ea 122 vs 1). Ke sona se lokelang ho etsahala ho maSione, ho thabela li programme tsa Molimo tsa ho bokellana lre mo sebeletsa.
Davida bocheng ba hae, ke eena ea ileng a hlahisa lentsoe la hore letsatsi le le leng mabaleng a Jehova le molemo ho feta s sekete ka molemo ( Pesaleme ea 84 vs 10 ) le hore molao oa Jehova ke thabo ea hae ( Pesaleme ea 119 vs 92 ).
Ho se ke oa ba le letho la bohlokwa ho rona ho feta nako eo re hlokahalang ka tlung ya Molimo.
Bashanyana le banana, le ntse le na le litakatso tsa lintho tse ngata tse kenyeletsang maruo le manyalo, maruo le hlompho tseo Jehova o re ke tsa ka, empa ea nthatang ke li nea ea nthatang (Maele 8 vs 17), ho bolelang hore re li phumana re lebile ha hae.
Nako eo re eang ntlong ea Molimo ka eona ke ho iponahatsa, ka cheseho ka pel’a Molimo hore le eena a re fe litakatso tsa lipelo tsa rōna.
Le haeba re utloa live broadcast mehala ea rona, lentsoe le re empa le se ke la lahla kopano (Ba-Heberu 10 vs 25).
Kreste ka sebele o rata ho phutheha hoo a bileng a re, ha ba babeli ba phuthehile ka lebitso la ka, ke tla ba oa boraro (Mattheu 18 vs 20), joale ha u bona memo ea thapelo, u hana ho ea, u ba khahlanong le Kreste.
Z.C.C Media
www.zccmbungo.org
facebook.com/ZCCMungo
M: +2638688006187, +263788816609, +263778638485
Lengolo-tsoibila: [email protected]

🙏
❤️
👍
11