
Zion Christian Church Official - ZCC Mbungo
June 4, 2025 at 04:42 AM
Zion Christian Church
To: All Church members
Sub: weekly focus ea Laboraro
Date: 05 June 2025
*SESOTHO VERSION*
Re leboha Molimo oa Sione ea re hlokometseng, le ea ileng a lumella confidence eaTurkey Mega hore e tsamaee hantle. Focus ea rona ke:
*1. Puisano ea kajeno e mabapi le Letsatsi la Moea, phutheho eo re ikhopotsang kolobetso ea Ntate Samere ka Moea o Halalelang ka 1913 Hakreni*
MaSion, puisano ea kajeno e mabapi le Letsatsi la Moea, kopano eo re ikhopotsang kolobetso ea Ntate Samere ka Moea o Halalelang ka 19 13 Hakkari.
Ke moo Hakireni ho leng lefika leo re betliloeng ho lona, le lemena leo re chekiloeng ho lona (*Esaia 51 vs 1*)
Kaofela re tlameha ho kopa Moea ona, hobane ke Molimo oa rona, o lakatsang ho khumameloa ka Moea le ka ’nete (*Johanne 4 vs 24*).
Moea ke wona, mohla o tlang ho lona, o etsang mesebetsi ea Moea, e leng:
- Bokhoni ba ho tšelisa ba mahlomoleng
- Bokhoni ba ho sebelisa
- Bokhoni ba ho ruta ba bang ke tsebo ea bophelo
- Bokhoni ba ho hopotsa ba bang ka mantsoe a phelisang a builoeng ke Kreste (*Johanne 14 vs 26*)
Moea ona oa Molimo o bohlokoa hobane ha se oa boporofeta feela, o na le mesebetsi e mengata eo o re khontshang ho e etsa, ho kenyeletsoa mesebetsi ea matsoho, mesebetsi ya lineo tsa Moea (*1 Bakorinthe 12 vs 1 - 27*), ka hona ha re eeng re kope Moea o Halalelang.
Ke moea o reng ha re o amohela, re filoe matla holim’a matla a mang (*Pesalome 84 vs 7*).
*Letšolo la tlhokomeliso:*
- Bohle ba kenang kerekeng ho tla phuthehong, re kopa le hopole ho fana ka tlaleho joalo ka ha re etsa liphuthehong tsohle ka li-Deskees tsa rona.
Z.C.C Media
www.zccmbungo.org
facebook.com/ZCCMbungo
M: +2638688006187, +263788816609, +263778638485
Lengolo-tsoibila: [email protected]

🙏
❤️
👍
11