
NGWATHE LOCAL MUNICIPALITY.
May 20, 2025 at 12:18 PM
Masepala wa Ngwathe o Tshebetsong
Masepala wa Ngwathe o matlafatsa makoloi a wona.
Molaetsa wa Majoro
Letsatsi la kajeno 21 Motsheanong 2025 le supa boikitlahetso ba Masepala ba ho matlafatsa ditshebeletso ho baahi.
Jwalo ka Masepala "Re matlafaditse thepa ya rona kaho reka makoloi a moetso wa divene "bakkie" ha pejana ene ele Lori ya "honeysucker" kgofu "TLB" le Lori tsa motlakase ha mmoho le tsa matlakala."
Ke nka monyetla Ona ho hopotsa baahi hore re entse boitlamo baho matlafatsa ditshebeletso, theko ena ya makoloi ke leano laho netefatsa hore Masepala hao sebedise ditshebeletso tse tswang kantle, le hore phano ya ditshebeletso ebe e potlakileng hape ele leano la moshwelela hore Masepala obe le tsetelo e tsitseng ya ditjhelete ho potlakisa ditshebeletso eleng boitlamo ba wona.
Makoloi ana atla sebetsa ditoropong tsohle tsa Masepala ele ho potlakisa ditshebeletso ho baahi le hore basebetsi ba arabela ka nako ditshebeletsong.
Ho feta moo re leboha baahi le borakgwebo ka boikitlahetso ba bona lefelleng ditshebeletso tsa Masepala ho netefatsa hore re fihlella morero wa rona ha mmoho."
Wa tsena
Cllr Victoria De Beer-Mthombeni
Majoro wa phethahatso
Tsebiso ka Lekala la diphatlalatso la Ngwathe.

😂
🙏
❤️
11