
NGWATHE LOCAL MUNICIPALITY.
June 12, 2025 at 01:48 AM
Masepala wa Ngwathe
Parys
Majoro wa phethahatso o Fana ka Molaetsa wa Phano ya Ditshebeletso
"Lebitsong la Masepala wa selehae Ngwathe, ke nka monyetla Ona ho isa mantswe a Teboho ho baahi,hobeng le tshebedisano mmoho le tshehetso eo ba bileng le Yona ho phethahatsa phano ya ditshebeletso.
Puong ya rona yaho tekwa ha boemo ba tshebetso le ditekanyetso reile ra ama ntlha e hlokolotsi, eleng sesupo sa tsamaiso e atlehileng tlase ha botsamaisi baha jwale.
Nakong ena eo re keneng ho yona ha jwale ya sehla sa Mariha re tobane le kgaoho kgafetsa ya motlakase e bakwang ke kgatello meralong ya motlakase.
Ntle le boikemisetsong ba rona baho ntlafatsa leho ntjhafatsa marangrang a rona, ha ngata tshebediso e mpe le ho utswa ha motlakase ke tsona tse bakang mathata phepelong ya ona. Re boela hape re eletsa le baahi hoba sedi leho ipoloka nakong ena eo Maemo a bolepi aka bang kotsi ho bona Kae kapa kae moo baleng.
Ho feta mona re rata ho leboha baahi bohle ba lefellang leho reka motlakase le ditshebeletso tsohle tsa Masepala,Kaha sena ele yona tsela yaho thusa Masepala ho lefelleng ditshebeletso tsa wona.
Re kgothalletsa baahi ho tlaleha dikgokahanyo tsohle tse seng molaong tsa motlakase ho Makhanselara a bona hanghang! Kaha sena setla thusa ho qoba kgaolo kgafetsa ya motlakase le Hore Masepala o lefelle mokitlane wa ona ho Eskom.
Re itlama ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso, ka hohle ka moo reka kgona, ke khoeletso ho Baahi ho sebedisana mmoho le Rona ho lwantsha tshebediso empe ya motlakase ka hohlehohle".
Kea leboha
Wa tsena
Cllr Victoria De Beer-Mthombeni
Majoro wa phethahatso
😂
1