
Rhapsody Global Club ( Mandate 1B ROR Influences )
June 13, 2025 at 06:59 PM
Rhapsody Lesotho-Sesotho
Sat Jun 14 2025
MATLA A PONO LE MONAHANO
Eaba Jakobo o inkela makala a matala a popolire, le a haselaare, le a chesenute, a a ebola, a a etsa metaka e mesoeu, a hlahisa bosoeu bo ho oona (Genese 30:37).
Pale ea Jakobo ka ho Genese 30 le 31 ke pontšo e hlollang ea matla a pono le monahano. Ha Jakobo a lumela ho sebeletsa Labane, o ile a tšepisoa likhomo e le moputso. Le ha hole joalo, Labane a fetola hangata lipehelo le ho qhekella Jakobo. Empa Jakobo, ka bohlale ba bomolimo le leano la ho bopa, a fetola boemo.
Jakobo a nka makala a matala ho tsoa lifateng tsa popolere, haseelare le chesenute, ‘me a a ebola a etsa metaka e mesoeu ho etsa hore bosoeu bo hlahe. A beha lithupa tseo a li ebotseng pela mehlape linoelong le likhatamping tsa metsi, tseo linku li lemaletseng ho noa ho tsona. Linku tsa itlhokisa pela lithupa, tsa tsoala likonyana tseo hantle Jakobo a neng a li labalabela. Ha morao, Jakobo o ne a se a sa hloke makala. A arola tse ‘nyane, tse rolo, le liphoofolo tse thobosha ‘me a li beha ka pela linku tse matla. Ka ho etsa sena, a bōpa pono bakeng la mehlape, ‘me tsa tsoala ho latela seo li se bonang.
Mokhoa oa Jakobo e ne e le pontšo ea matla a pōpo ea pono. O sebelisitse bokhoni ba hae ba monahano ho susumetsa qetello ea se lebeletsoeng. Ha linku tse matla li emara, Jakobo a beha makala ka pela mahlo a tsona, ho etsa bonnete ba hore li tsoala makonyana a khahlehang, a matla. Ha linku e le tse fokolang, ha a ka a sebelisa makala, joale tse senang matla ea e ba tsa Labane.
Ha nako e ntse e ea, mehlape ea Jakobo e ile ea ba e matlafetseng le ho ngatafala, ha tsa Labane tsa sala e le tse fokolang. Ho atleha ha Jakobo e ne ele ka tšenolelo ea bomolimo. Ka tro, a bona liramo tse neng li tlolela linku li le tšasa, thobosha le rolo. Lenyeloi la tiisa pono ena la re: “...Ako lelatse mahlo a hao, o bone hobane lipheleu kaofela tse hlokang linku ke tse tšasa, le tse thobosha, le tse rolo…” (Genese 31:21 ka NKJV).
See se bohlokoa hakae! U na le bokhoni ba ho bōpa bokamoso boo u bo labalabelang ka ho tsepamisa maikutlo a hao ho seo u batlang ho se bona. Bōpa pono eo u e batlang ka kellello ea hao. Ka Lentsoe la Molimo le Matla a Moea O Halalelang o sebetsang ka ho ho uena, u ka bopa kapa oa fa sebopeho ‘nete ea hao e bonahalang. Haleluejah!
Prayer / Confession
Ntate ea ratehang, kea u leboha ka ho mpha bokhoni ba ho bona le ho bōpa bokamoso ba ka boo ke bo labalabelang ka matla a pono leka Lentsoe la hao. Ha ke ntse ke sebelisa bokhoni ba ka ba ho nahana, ke susumetsoa ke Moea oa hao, ke haha bophelo ba ka ke ipapisitse le morero oa hao oa bomolimo, ka tlholo le keketseho libakeng tsohle. Ke matlafalitsoe ho tlisa phetoho lefatšeng laka le ho phethahatsa qetello ea ka, ka Lebitso la Jesu. Amen
Further study
Genese 13:14-17; Habakuke 2:2; Ba-efese 3:20
1-year bible reading plan
Liketso 4:32-5:1-11 & 2 Likoronike 20-22
2-year bible reading plan
Luka 1:39-56 & Deuteronomy 12
WhatsApp Chanel for rhapsody Translation :
https://whatsapp.com/channel/0029Va9SJ9OHFxP0Xh4KCN3F
🙏
1