Zion Christian Church Official - ZCC Mbungo
Zion Christian Church Official - ZCC Mbungo
June 13, 2025 at 08:44 AM
Zion Christian Church Ho: Litho tsohle tsa Kereke Sub: Weekly Focus ea Labohlano Letsatsi: 13 Phuptjane 2025 *SeSotho Version* Re leboha Molimo oa Sione, ea re fang bophelo. Maikutlo a rona ke: *1. Molimo oa Sione o na le mehopolo ea Khotso (Jeremia 29 vs 11), empa o re le hahe matlo, le lule ho ’ona, le leme masimo, le je litholoana tsa ’ona (Jeremia 29 vs 5)* Ke polelo ea ‘nete ha ho thoe MaSione le tla atleha, hobane mehopolo ea Molimo oa rona ke ea khotso (Jeremia 29 vs 11). Yena ka boyena o kgahlwa ke katleho ya rona bahlanka ba hae (Pesaleme ya 37 vs 25). Se hlokahalang feela ke ho tseba hore na ho etsoa eng, le hore na ho etsoa neng. Mehleng ena re nakong ea kano, nako ea ho roba likano tsa ba khopo, ho rorisa Molimo ka likano (Pesaleme ea 65 vs 1). O itse, ikaheleng matlo, le dule ho wona, le leme masimo, le je ditholwana tsa wona (Jeremia 29 vs 5). Ha le ka sheba ka hloko, se bitsoang tlhohonolofatso se qala ka lintho tsena tse peli: - Lehae - kahoo o re ikaheleng matlo - Tšimo - kahoo o re lemang masimo Ha o sena lehae, le tshimo, lehlohonolo la hao le boima. U tlameha ho ba le lehae pele, le tšimo, hobane kamehla ha Molimo a u fa leruo, u na le moo u ka le behang teng. Ka lebaka la lentsoe lena, ha u se na tšimo, e fumane, ha u se na ntlo, u e hahe, ke hona ho lumellana le seporofeta. *Letšolo la tlhokomeliso:* - Ka nako ena, ha eba ha ua etsa kano u setsi morao, ke nako ea hore moSione e mong le e mong ea entseng kano ea hae , o sentse a sebeletsa ho e phetha. Z.C.C Media www.zccmbungo.org facebook.com/ZCCMbungo M: +2638688006187, +263788816609, +263778638485 Lengolo-tsoibila: [email protected]
Image from Zion Christian Church Official - ZCC Mbungo: Zion Christian Church  Ho: Litho tsohle tsa Kereke Sub: Weekly  Focus ...
🙏 ❤️ 5

Comments